Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 34:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 34:20
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora wa Jeroboame ya shwelang hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo: hobane Jehova o itsalo.


Mora wa Baesha ya shwelang hae o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo.


Ba neetse dinonyana tsa mahodimo ditopo tsa bahlanka ba hao, ba neetse dibatana tsa lefatshe nama tsa baratuwa ba hao.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.


Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


ho itswe ke Jehova: Bonang, ke neela Faro-Hofra, morena wa Egepeta, matleng a dira tsa hae le matleng a ba batlang bophelo ba hae, jwalokaha nkile ka neela Tsedekia, morena wa Juda, matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, e neng e le sera ho yena se batlang bophelo ba hae.


Ke tla thothometsa Elame pela bao e leng dira ho bona, le pela ba batlang bophelo ba bona, ke ba hlahisetse kotsi, e leng kgalefo e tjhesang ya ka, ho bolela Jehova; mme ke ba phallele ka lerumo, ke tle ke ba fedise.


Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.


Hobane Morena Jehova o re: Bona, ke tla o neela matsohong a bao o ba hloileng, le matsohong a bao moya wa hao o ba hlobohileng.


Ke tla o lahlela lefeelleng, wena le dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao; o tla wela masimong; ha o ka ke wa phuthwa, leha e le ho bokellwa, mme ke tla o neela dibatana tsa naha le dinonyana tsa lehodimo, ho ba dijo tsa tsona.


Ke tla o tlohela hona teng, fatshe, ke o akgele naheng, ke ahise dinonyana tsohle tsa lehodimo hodima hao, ke kgorise ka wena dibatana tsa lefatshe lohle.


Setopo sa hao e tla ba sejo sa dinonyana tsohle tsa lehodimo, le sa dibatana tsa lefatshe, ho se motho ya di tshosang.


Mofilesta a eketsa a re ho Davida: Tloo ho nna, ke nee dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha nama tsa hao.


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ