Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 34:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Lona, kajeno lena le ne le bakile, le ne le entse ho lokileng pontsheng ya ka, ka ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, le ne le entse selekane pela ka, ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 34:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joase a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka ditshiu tsohle tseo moprista Jehojada a mo eleditseng ka tsona;


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;


Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.


Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ