Jeremia 34:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ho feleng ha dilemo tse supileng, le ke le lesele e mong le e mong ngwanabo wa Moheberu ya ithekisitseng ho lona; a ne a le sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, le ntoo mo lesela a ikele; empa bontata lona ha ba ka ba nkutlwa, ha ba ka ba sekeha tsebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE14 ‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.