Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Ke na be ke o patetse sefahleho sa ka ka motsotso mehleng ya kgalefo, empa ke tla o hauhela ka mohau o sa feleng, ho bolela Jehova, Molopolli wa hao.


Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.


Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.


Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:


Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


Hobane Modimo o hlahletse bohle ho se dumeleng, o tle o ba hauhele bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ