Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 33:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: ‘Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?’ Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 33:24
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba hloyang moya wa ka ba rera hammoho, ba re: Modimo o mo tlohetse; mo phalleleng, le mo tshware; hobane ha a na mmoloki!


Ba re: Tloong, re ba fedise hara ditjhaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le bolelwa!


Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha:


Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;


Mona wa Efraime o tla fela, Juda le yena a lese ho mo qala; Efraime ha a sa tla hlola a honohela Juda, mme Juda ha a sa tla hlola a lwantsha Efraime.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.


Ha melao eo e ka fetoha pela ka, le hona leloko la Iseraele le tla phetsa ho ba setjhaba pela ka ka ho sa feleng.


Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.


Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, la re:


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.


Suthang, lona ba ditshila; ho howeleditse jwalo ho bona; suthang, suthang, le se ke la re ama. Eitse ha ba balehile, e ntse e le ho phaila; ho thwe hara ditjhaba: Ha ba sa tla boela ba ahe teng.


o re ho bana ba Ammone: Mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re: Erekaha o itse: Haiaha! ka sehalalelo sa ka mohla se silafatswang, le ka lefatshe la Iseraele mohla le etswang nahathothe, le ka ba ntlo ya Juda mohla ba iswang kgolehong,


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.


Eitse hobane ba fihle ditjhabeng tseo ba fihlileng ho tsona, ba senya lebitso la ka le kgethehileng, ha ho no ho ntse ho thwe ka bona: Bana ke setjhaba sa Jehova, ba tswile lefatsheng la hae.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ