Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:40
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.


Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena ka tsela ya dipere, mme a bolaelwa teng.


Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.


Kapele ho monyako wa Dipere, baprista ba lokisa e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.


Oho Modimo, re hopola mohau wa hao, ha re le tempeleng ya hao.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Ere ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se epolla, ke se heletse, ke se imetse,


Mme jwale, ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o bolela bakeng sa motse ona oo lona le reng: O ya neelwa matsohong a morena wa Babilona, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa;


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


A mpotisa wona ka nqa tsohle, mme ka bona hoba a mangata haholo hodima thota; hape, ka bona hoba a omeletse haholo.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


Ba tla aha teng, thohako ha e sa tla hlola e eba teng, mme Jerusalema o tla dula ka kgotso.


Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ