Jeremia 31:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)38 Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE38 “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.
Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.