Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:35
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.


Na o tseba melao ya mahodimo le tshebetso ya yona lefatsheng na?


A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.


LAMED. Jehova, lentswe la hao le hlola mahodimong ka ho sa feleng;


le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.


o di beile hore di tle di be teng ka ho sa yeng kae le ka ho sa feleng; o di file melao, ha ho le e nngwe e e tlolang.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


O tla tshajwa, letsatsi le kgwedi ha di sa kganya, melokong le melokong.


Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.


Nyene ke ya hao, le bosiu ke ba hao; o entse lesedi le letsatsi.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


hobane ke itse: Mohau wa hao o entswe moaho o sa feleng; o theile botshepehi ba hao mahodimong.


Hobane ba itheella lebitso ka motse o halalelang, ba itshematlela ka Modimo wa Iseraele, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,


Ho itswe ke Jehova: Ha ekaba ho se selekane sa ka le letsatsi le bosiu, ha ekaba ke sa ka ka tlisa melao ya lehodimo le ya lefatshe;


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.


Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.


le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ