26 Bakeng sa tseo ka phaphama, mme ka tadima; boroko bo ne bo le monate ho nna.
26 Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate.
Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.
Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.
Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.
Leha o ya robala, o ke ke wa tshoha; ha o se o kgalehile, boroko ba hao bo tla ba monate.