Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ ‘Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:23
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ke o bone lehlohonolo la Jerusalema ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!


Jehova a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe.


Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.


Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.


Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.


Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokgabane bo hlole bo le teng serapeng.


Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.


Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.


Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.


Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.


Mehleng ya bofelo, thaba ya ntlo ya Jehova e tla be e thewe qhoweng tsa dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba di tla phallela teng.


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ