Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ruri hoba ke kgelohe ke ile ka ikwahlaya, yare hoba ke rutwe ka kebisa hlooho ke ho swaba. Ka hlajwa ke dihlong, pelo ya ka ya nyahama, ka inyatsetsa dibe tsa botjha ba ka.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:19
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Ke kang ha o mpeetse ntho tse babang, leha o nkotlela makgopo a botjha ba ka?


Masapo a hae a tletse matla a botjha, athe jwale a tla robala le yena leroleng.


Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.


O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!


O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.


Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Hobane bana ba Iseraele le bana ba Juda ba nnile ba etsa ho leng hobe feela pontsheng ya ka, esale le botjheng ba bona, hobane bana ba Iseraele ba nnile ba mphephetsa feela ka diketso tsa matsoho a bona, ho bolela Jehova.


Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Mohlang oo, le tla elellwa mekgwa yohle e mebe ya lona le diketso tsa lona tse se nang botle, le ikgobohellwe ka baka la makgopo a lona le la manyala a lona.


Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.


Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


ha o sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwa lentswe la hae, wena, le bana ba hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, kahohle kamoo ke o laelang kateng kajeno,


A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ