Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 31:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Tshepo e teng bakeng sa mehla ya hao e tlang, ho bolela Jehova; bana ba hao ba ya boela meeding ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Tshepo ya hore o tla ba le ditloholo e teng, bana ba hao ba tla kgutlela naheng ya habo bona,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 31:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ka re: Ke feletswe ke tshepo ya ka le ke tebello ya ka ho Jehova.


Ke tsona tseo ke ntseng ke di losa pelong ya ka; ka baka leo, ke tla nne ke tshepe.


Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.


a ke a bee molomo wa hae leroleng ka ho re: Mohlomong tshepo e teng!


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ