Jeremia 31:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Ho itswe ke Jehova: Kganna lentswe la hao, o se ke wa lla, le mahlo a hao a se ke a tsholla meokgo, hobane mosebetsi wa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, mme ba tla kgutla lefatsheng la sera. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE16 Morena o bua tjena: “Kgaotsa ho lla, o hlakole meokgo mahlong, hoba mosebetsi wa hao o tla fumana moputso,” ho rialo Morena. “Ba tla boela ba kgutla kwana naheng ya dira. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.