Jeremia 29:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)32 ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE32 ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,’ ” ho rialo Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.