Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: ‘Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya o neela ho tshoha, wena le metswalle ya hao yohle; ba tla wa ka lerumo la bao e leng dira ho bona, o bone hoo ka mahlo; ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena wa Babilona, a tle a ba ise kgolehong, Babilona, a ba bolaye ka lerumo.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Le re: Jehova o re hlahiseditse baporofeta, Babilona.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ