Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 29:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 29:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Jwaloka ha difeiye tsena di le monate, ba tshwerweng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatsheng la Bakalde, ke tla nne ke ba tadime ho ba etsa hantle.


Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;


Ke tla le ntsha teng, ke be ke le neele matsohong a baditjhaba, ke be ke le hlahisetse le dikahlolo.


Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.


Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ