Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Setshabelo se tla hlokahalla badisa, le ho pholoha ho be siyo ho beng ba mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Badisa ha ba ka ke ba fumana setshabelo, beng ba mohlape le bona ba sitwe ho phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:35
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.


Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.


Mohoo wa badisa o tla phahama le pokollo ya beng ba mohlape, hobane Jehova o tla senya makgulo a bona.


mme Tsedekia, morena wa Juda, ha a ka ke a phonyoha matsohong a Bakalde, empa o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa eno, le mahlo a hae a bone mahlo a eno.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ