Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Tsatsing leo, ba hlabilweng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, ba sa llelwe, ba sa phuthelwe, ba sa epelwe; e tla ba moitedi hodima lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:33
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.


Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi ka nqa tsohle ho Jerusalema, mme ho hlokahetse ya ba patang.


ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


O ntshitse lerumo hore le bentshwe, hore a tle a le tshware ka letsoho; lerumo le leoditswe, le bile le bentshitswe, hore a le kenye letsohong la mmolai.


Ke se ke ya kenya leutlana mehlahareng ya hao, ke etse hore dihlapi tsa dinoka tsa hao di kgomarele makgapetla a hao, ke o honyolle dinokeng tsa hao, dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao di kgomaretse makgapetla a hao.


Ke tla o lahlela lefeelleng, wena le dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao; o tla wela masimong; ha o ka ke wa phuthwa, leha e le ho bokellwa, mme ke tla o neela dibatana tsa naha le dinonyana tsa lehodimo, ho ba dijo tsa tsona.


Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka!


Ba bang ba ditjhaba, le ba mefuta, le ba dipuo, le ba merabe, ba tla bona ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng; mme ba tla hana hore ditopo tsa tsona di patwe mabitleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ