Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Modumo o ya ya le pheletsong ya lefatshe, hobane Jehova o na le tseko le ditjhaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:31
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba baleha ka baka la lentswe le dumang, ditjhaba di a qhalana, hobane o tsohile.


Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.


Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso seo a tla lefetsa Sione ka sona.


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.


Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


Ke tla mo tsekisa ke tshwere lefu la sewa le madi; ke tla mo nesetsa dipula tsa dikgohola le majwe a sefako, le mollo, le sebabole, ke di nesetse le makgotla a hae le ditjhaba tse ngata tse leng ho yena.


Jehova o na le tseko le Juda, o tla kgalemela Jakobo ka baka la metsamao ya hae, a mo etse tse tshwanelang diketso tsa hae.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ