Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 “Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona: “ ‘Morena o tla puruma a le hodimo, a howeletse a le sehalalelong sa hae, a kgarumele lefatshe la hae. O tla howa sa batho ba tlhotlang morara, a howeletse baahi bohle ba lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:30
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.


Mona ke nqalo ya phomolo ya ka ka ho sa feleng; ke rata ho aha teng; hobane ke ikgethetse yona.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


a tle a se ke a mamela lentswe la moupelli le la ngaka e tsebang ho upa.


Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,


Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona.


Batho ba baleha ka baka la lentswe le dumang, ditjhaba di a qhalana, hobane o tsohile.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Esale ho qaleng, nqalo ya sehalalelo sa rona ke terone e phahamileng ya kganya.


O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.


Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.


Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


Tadima, o le mahodimong, nqalong ya hao ya bokgethehi ba hao, mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele, le lefatshe leo o re neileng lona, jwalokaha o anetse bontata rona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ