Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “Jwale o tle o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:27
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, mamela hle, wena mofutsana ya tahilweng, empa e seng ke veine:


Ke hataketse ditjhaba bohaleng ba ka, ke di tahisitse kgalefong ya ka, ka tshollela madi a tsona fatshe.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Jehova o re: Bonang, baahi kaofela ba lefatshe lena, le marena a dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi kaofela ba Jerusalema, ke tla ba tlatsa ka seno se tahang;


Le se ke la llela ya shweleng, le se mo utlwele bohloko; llelang ya ileng kgolehong, hobane ha a sa tla boya, hore a tle a bone lefatshe leo a tswaletsweng ho lona.


hore di tle di nwe, di thekesele, di hlanye pontsheng ya lerumo leo ke le romelang hara tsona.


Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


e leng ba hlapanyang ka sebe sa Samaria, ba reng: Ka modimo wa hao, Dane! Kapa: Ka tsela e yang Beerseba! Ba tla wa, ba se ke ba boela ba tsoha.


Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera.


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ