Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.
Dikamele tsa bona di tla hapuwa, mehlape e mengata ya bona e tlatlapuwe; mme ke tla ba hasanyetsa meyeng yohle, bona ba beolang hlafunelo, ke ba hlahisetse dikotsi ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.
Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.
ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.