Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.
o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.
ba re ho yena: Ha re re, o a tseba hobane Baalise, morena wa bana ba Ammone, o romile Ishmaele, mora Nethania, ho o bolaya na? Empa Gedalia, mora Akikame, ha a ka a dumela.
Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.
Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?
Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.
Edomo o teng, le marena le marenana wohle a hae, a beilweng le ba bolailweng ke lerumo, leha e ne e le bahale. Le bona ba robetse ho maqai le ho ba theohetseng sehokong.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.