Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:15
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


O rutile setjhaba sa hao ka dikotlo tse thata, o re nositse veine ya ho diadielwa.


Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.


Haele nna, ke tla nne ke bolele tseo kamehla, ke rorise Modimo wa Jakobo!


Ke wona morero o rerilweng hodima lefatshe lohle, ke lona letsoho le otlolletsweng hodima ditjhaba tsohle.


Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.


Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


Ke lona lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia bakeng sa ditjhaba.


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.


Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.


Morena Jehova o re: O tla nwa ka mohope wa ngwaneno, e leng mohope o moholo, o sephara; ka baka la boholo ba wona, o tla fetoha ditsheho le sesomo.


O tla tlala botahwa le bohloko; mohope wa Samaria, ngwaneno, ke mohope o thotofatsang, o timetsang.


Ke tla etsa naha ya Egepeta lesupi hara naha tse lesupi, metse ya yona e be lesupi hara metse e dithako ka dilemo tse mashome a mane; ke tla qhalanyetsa Baegepeta hara ditjhaba, ke ba hasanyetse mafatsheng wohle.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Hobane jwalokaha le nwele thabeng ya ka e kgethehileng, ditjhaba tsohle di tla nne di nwe, di inwelle, di kwenye, di be di be jwaloka hoja di sa ka tsa eba teng.


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


Lengeloi la akgela sekele ya lona lefatsheng, la kotula merara ya lefatshe, mme la akgela ditholwana tse kotutsweng sehatelong se seholo sa bohale ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ