Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona!


Modumo o utlwahala dithabeng, o kang wa tjhaba se seholo; ho utlwahala modumo wa mebuso le wa ditjhaba tse phuthaneng hammoho; Jehova wa makgotla ke yena ya hlahlobang makgotla a dintwa tsa hae.


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Lentswe le lerata le tswa motseng, lentswe le tswa tempeleng, ke lentswe la Jehova ya busetsang ho dira tsa hae ka diketso tsa tsona.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


Bonang, ho ya tla setjhaba se tswang leboya; setjhaba se seholo le marena a mangata a ya hlaha a etswa dikgutlelong tsa lefatshe.


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ