Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:24
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ahlola hara ditjhaba; hohle ho tla tlala ditopo, o tla thumakanya dihlooho dinaheng tse ngata.


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.


Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


E ke ke ya tingwa ke motho bosiu le motshehare, mosi wa yona o tla nyoloha ka ho sa yeng kae, e tla ba nahathothe kamehla le mehla; ha ho motho leha a le mong ya tla feta teng.


Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.


Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana, ho bolela Jehova!


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ya wona, le maleme a bona a bole melomong ya bona.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ