Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:23
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.


hobane mmuso ke wa Jehova, ke yena ya renang hodima ditjhaba.


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Jehova o tla itsebisa Baegepeta, mme Baegepeta ba tla tseba Jehova mehleng eo, ba mo sebeletse ka mahlabelo le ka dinyehelo; ba tla itlama ka dikano ho Jehova, mme ba tla di phetha.


Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.


Tsatsing la kgwedi ha e thwasa, e tla ba pohwana e se nang sekodi, le dikonyana tse tsheletseng le pheleu; e tla ba tse se nang sekodi.


Le yena Juda o tla lwana le Jerusalema; mme ho tla bokellwa menono ya ditjhaba tsohle tse kamathoko, kgauta le silefera le diaparo ka bongata bo boholoholo.


Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.


E tla ba yona kotlo ya sebe sa Egepeta le ya sebe sa ditjhaba tsohle tse sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ