Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane jwalokaha mahodimo a matjha, le lefatshe le letjha leo ke seng ke tla le bopa, a tla hlola a le teng pela ka, ho bolela Jehova, leloko la lona le lebitso la lona le tla nne le be teng pela ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 “Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leloko la hao le ka ba lengata jwaloka lehlabathe la lona; bana ba hao ba tswang maleng a hao ba ka ba bangata jwaloka majwana a lona; lebitso la hao le be le ke ke la tloswa, la fediswa pela ka!


Ke beile mantswe a ka molomong wa hao, ke o apesitse ka moriti wa letsoho la ka, ke tle ke ale mahodimo a matjha ke thee lefatshe le letjha, mme ke re ho Sione: O setjhaba sa ka!


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.


Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Leloko la bona le tla tsejwa hara ditjhaba, le ditloholo tsa bona hara merabe; bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova.


Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.


Ba ke ke ba haha matlo, osele a dula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholwana tsa yona, hobane matsatsi a setjhaba sa ka a tla lekana le matsatsi a difate, mme bakgethwa ba ka ba ba tla bona mesebetsi ya matsoho a bona e tsofalla ho bona.


Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tswala bana, mme ba lahlehelwa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova, mme bana ba bona ba tla nne ba dule le bona.


Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,


le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.


Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Empa re lebeletse, ka pallo ya wona, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha moo ho loka ho ikahetseng teng.


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ