Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Hobane o tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao, di tla rua ditjhaba, di tsose metse e masupi.


ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang.


Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.


A tlisa dikabelo tsa wona pela Jehova, e leng makoloi a tsheletseng a ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi, ke ho re, koloi e le nngwe ka marena a mabedi, pholo e le nngwe ka morena a le mong; a di hlahisa pela tabernakele.


le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano;


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ