Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:19
48 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mitsraime a tswala Baludime, le Baanamime, le Balehabime, le Banaftuhime,


Bara ba Jafeta ke Gomere, le Magogo, le Madai, le Javane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.


Bara ba Sema ke Elame, le Assure, le Arpaksade, le Lude, le Arame.


Bara ba Javane ke Elisha, le Tarshishe, le Kittime, le Dodanime.


Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.


Mitsraime a tswala Baludime, Baanamime, Balehabime, le Banaftuhime,


bara ba Javane ke Elisha, Tarshishe, Kittime, le Rodanime.


Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.


Lona kaofela ba ahileng lefatsheng lohle, le lona ba ahileng naheng ena, etlare ha folaga e emisitswe hodima dithaba, le lelale; etlare terompeta ha e letswa, le mamele!


Mehleng eo, nyehelo e tla tlisetswa Jehova wa makgotla ke setjhaba se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona, e tla tlisetswa nqalong moo ho rapelwang Jehova wa makgotla, thabeng ya Sione.


le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo.


Bao meya ya bona e neng e kgeloha, ba tla ithuta bohlale; ba neng ba nganga, ba tla amohela thuto.


Kganya e iswe ho Jehova, dithoko tsa hae di bolelwe dihlekehlekeng.


A ke ke a fokola, leha e le ho tepella, a eso ho bee ho loka lefatsheng; dihlekehleke di tla tshepa molao wa hae.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, ke tla emisetsa ditjhaba letsoho la ka, ke hlomele merabe folaga ya ka, ba tle ba tlise bara ba hao matsohong a bona, le baradi ba hao ba ba pepe mahetleng a bona.


Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!


Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.


Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.


Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.


Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.


Mesheke o teng, le yena Tubale, le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetswe hare ke mabitla a bona. Bohle ke maqai, ba bolailwe ke lerumo; hobane ba ne ba hasanya letsoso la bona lefatsheng la ba utlwang.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bao a neng a eso ho ka a bolelwa ho bona, ba tla bona, le ba neng ba eso ho ka ba utlwa taba tsa hae, ba tla utlwisisa.


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ