Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 65:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla ntsha leloko ho Jakobo, le mojalefa wa dithaba tsa ka ho Juda, bakgethwa ba ka ba tla di rua, bahlanka ba ka ba ikahele ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 65:9
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona.


Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.


Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.


Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;


Etlare ha o howa, na dihlopha tsa medimo ya hao di tla o namolela na? Athe moya o tla e nkela koo kaofela ha yona, e tloswe hang. Empa ya itshepetseng nna o tla ja lefa la lefatshe, a rue thaba ya ka e halalelang.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Ba ke ke ba haha matlo, osele a dula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholwana tsa yona, hobane matsatsi a setjhaba sa ka a tla lekana le matsatsi a difate, mme bakgethwa ba ka ba ba tla bona mesebetsi ya matsoho a bona e tsofalla ho bona.


Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.


Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Efela ka nqa ya Evangeli ke dira ka baka la lona, empa ka nqa ya boikgethelo, ke baratuwa ka baka la bontatemoholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ