Isaia 65:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)25 Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE25 Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.
Ha ba ka hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, hlo o ba bontshe sebopeho sa ntlo, le mmopo wa yona, le moo ho tsuwang, le moo ho kenwang, le sebopeho sohle sa yona, le ditaelo tsohle tsa yona, le mmopo wohle wa yona, le melao yohle ya yona; o ngole tseo pela bona, hore ba boloke mmopo wa yona le ditaelo tsohle tsa yona, ba ye ka tsona.