Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 65:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Teng, ha ho lesea le tlang ho tswallwa hore le phele ka matsatsi a se makae, ha ho leqheku le sa tlo ka le phetha palo ya matsatsi a lona; hobane ya tlang ho shwa a le dilemo tse lekgolo, etlaba o shwele a sa le motjha; ya tla shwa a le dilemo tse lekgolo, e tla ba moetsadibe ya rohakwang ka hlapa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “Ha ho sa tla ba ngwana ya shwang e le lesea, ha ho motho ya sa tlo qeta lemo tsa hae tsa pallo, ya shwang lemo tsa hae di le lekgolo ho tla thwe o shwele e sa le mohlankana; ya sa qeteng lemo tse lekgolo a phela, yena ke moetsadibe, o rohakehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 65:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.


Leha o ka ba mang ya ratang ho phela, ya lakatsang dilemo ho ja lehlohonolo,


Jehova wa makgotla o nnyenyeleditse ditsebeng, a re: Tjhe, sebe sena le ke ke la se tshwarelwa, le tla be le shwe; ho itsalo Morena, Jehova wa makgotla.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho sa tla ba banna ba baholo le basadi ba baholo ba dulang mapatlelong a Jerusalema, ba tshwereng e mong le e mong lere la hae ka letsohong la hae, ka baka la bongata ba ditshiu tsa bona;


Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ