Isaia 65:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 ke le neeletse lerumo, mme le tla akgelwa polaong, hobane ke bitsitse, empa ha le a ka la araba; ke boletse, empa ha le a ka la mamela, mme le entse sebe pela mahlo a ka, la ikgethela seo ke sa se rateng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE12 lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe.