Isaia 63:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE5 Ka qamaka kahohle, empa ka hloka mothusi, ka makala haholo ha ke bona ho se motshehetsi; yaba tsa pholoho ke di sebetsa ka letsoho la ka, kgalefo ya ka ya eba yona motshehetsi wa ka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.