Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 63:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 “Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine ke le inotshi, hara baditjhaba ha ho ya kileng a ba le nna. Ke ile ka ba hatakela ke halefile, ka ba tlabikela ke loloma ke kgalefo; madi a bona a qaphaletsa aparo tsa ka, kobo tsohle tsa ka tsa silafatswa ke madi ao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 63:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O holehile esele ya hae sefateng sa morara, le petsana ya eselana sefateng sa morara se kgethilweng: o hlatswitse diaparo tsa hae veineng, le kobo ya hae mading a morara;


A re: Mo diheleng. Ba mo dihela, madi a mang a hae a qatohela lerakong le dipereng; mme a mo hatakela ka maoto.


Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng.


Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tla hatakela dira tsa rona.


Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.


Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.


Moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime o tla hatakelwa ka maoto.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Ke hataketse ditjhaba bohaleng ba ka, ke di tahisitse kgalefong ya ka, ka tshollela madi a tsona fatshe.


Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ