Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:4
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Jehova o thabela setjhaba sa hae, o kgabisa bahlomohi ka ho ba pholosa.


Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.


Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.


Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.


Ke tla etsa Jerusalema thabo ya ka, setjhaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentswe la dillo ha le sa tla hlola le utlwahala teng, leha e le lentswe la pokollo.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


ba tla re: Lefatshe leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tshimo ya Edene; metse eno, e neng e timeditswe, e entsweng dithako, e heleditsweng, e fetohile diqhobosheane, e ahilwe.


Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,


mme lefatshe le tla utlwa koro le veine le ole, tseo di utlwe Jisreele.


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


Mme ditjhaba tsohle di tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatshe le kgahlehang, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya matsoho a hao, dintho di tle di tlale ho wena; a o hlohonolofatse baneng ba tswalwang ke wena, le ho tse tswalwang ke makgomo a hao, le ho tse behwang ke lefatshe la hao. Hobane Jehova o tla boela a ithatele ho o etsa hantle, jwalokaha a ne a thabetse bontatao.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ