Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka baka la Sione ha nka ke ka kgutsa, ka baka la Jerusalema ha nka ke ka phomola, ho fihlela ho loka ha yona ho kganya ho kganya sa mafube a meso, topollo ya yona e tshwana le lebone le tukang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:1
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Bulang menyako, hore setjhaba se lokileng, se bolokang botshepehi, se tle se kene.


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Oho! hoja o ka lemoha ditaelo tsa ka! kgotso ya hao e ka nna ya phalla jwaloka noka; ho loka ha hao ho ka tlala jwaloka maqhubu a lewatle.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.


Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.


Tsoha, Jerusalema, o boneswe, hobane lesedi la hao le hlahile, kganya ya Jehova e o tjhabetse!


Hobane bona, lefifi le kwahetse lefatshe, botsho bo apesitse ditjhaba; empa Jehova o tla o tjhabela, kganya ya hae e bonahale hodima hao.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.


Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ