Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Tsena o tla di bona, thabo ya hao e kgaphatsehe, pelo ya hao e kokomohe ke ho nyakalla haholo. Matlotlo a lewatle e tla ba a hao, maruo a baditjhaba a tla tliswa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:5
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.


Ya tadimang ho yena o a ediswa, dihlong ha di sa tla ba sefahlehong sa hae.


Empa leruo la hae le moputso wa hae di tla kgethelwa Jehova, di ke ke tsa bokellwa hammoho, leha e le ho bolokwa, empa leruo la hae le hwebilweng e tla ba la ba emang pela Jehova, ba tle ba kgore hantle, mme ba apeswe ka bokgabane.


O atolose setsha sa tente ya hao, o menolle masela a boaho ba hao, o se ke wa hana, o lelefatse dithapo tsa hao, o tiise dithakgisa tsa hao.


Menyako ya hao e tla dula e butswe kamehla; e ke ke ya kwalwa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tliswe ho wena maruo a ditjhaba, le marena a tsona.


Empa lona, le tla bitswa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Modimo wa rona. Le tla ja menono ya ditjhaba, le ithorise kganyeng ya tsona.


Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.


Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?


Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Ha re ithorise ka se sa re lekaneng, e leng mesebetsi ya ba bang, empa re tshepile hoba tumelo ya lona, ha e ntse e hola, re tla nama haholo, kamoo re lekanyeditsweng sebaka kateng,


Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.


Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.


Ho tla tliswa ho wona kganya le hlompho ya ditjhaba.


Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ