Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.


Jwale, monga ka a ke a romele bahlanka ba hae koro, le harese, le ole, le veine tseo a di boletseng;


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!


Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.


Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.


Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ