Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bara ba baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a o sebeletse, hobane, ke na be ke o otlile kgalefong ya ka, empa lerekong la ka ke o hauhetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla tsoha, o hauhele Sione, hobane e se e le nako ya ho mo utlwela bohloko; e, nako e lekantsweng e tlile.


Hobane kgalefo ya hae ke ya motsotso feela, empa mohau wa hae o tshwere bophelo bohle ba motho; leha dillo di ka fapohela ho rona bosiu, hosasa e se e le nyakallo.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Ditjhaba di tla tla tsamaya leseding la hao, marena a tle kganyeng ya mahlasedi a hao.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Baditjhaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ya lona; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara.


Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.


Ke tla inkela ba bang ho bona, e be baprista le Balevi, ho bolela Jehova.


Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.


Ho tla tliswa ho wona kganya le hlompho ya ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ