Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 59:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 59:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;


Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.


Modimo wa diphetetso, Jehova, Modimo wa diphetetso, hlaha ka kganya.


Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Na kobo ya hao e kgubedu keng, le diaparo tsa hao di jwaloka tsa ya hatelang sehatelong sa veine keng?


Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo;


Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.


Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.


Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ