Isaia 59:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE13 Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;
Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.