Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:5
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ha a utlwa taba tsa mosadi, a hahola diaparo tsa hae, a tsamaela pele hodima lerako; mme ha batho ba tadima, ba bona a apere lesela le mahwashe mmeleng wa hae kahare.


Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Esdrase a ntoo tloha pela ntlo ya Modimo, a kena kamoreng ya Johanane, mora Eliashibe. Eitse hobane a kene teng, a se ke a ja bohobe, a se ke a nwa metsi, kahobane a ne a hlomohile ke boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong.


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata.


A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.


Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.


Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;


Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.


E tla ba ho lona Sabatha, letsatsi la phomolo, mme le tla hlomola dipelo tsa lona. Ke molao o sa feleng.


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


le ho bolela selemo sa Morena se molemo.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ