Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:3
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.


Hobane o itse: Motho ha a rue letho, leha a thabetse Modimo.


Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso;


Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.


E tla ba ho lona Sabatha, letsatsi la phomolo, mme le tla hlomola dipelo tsa lona. Ke molao o sa feleng.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?


Modimo wa tla ho Balaame; mme Balaame a re ho wona: Ke lokisitse dialetare tse supileng, mme ke hlabile poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.


Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ