Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke moo o tla ithabela ho Jehova, mme ke tla o haodisa diphahameng tsa naha jwaloka ha eka o kaletse pere; o tla ja lefa la Jakobo, ntatao moholo, hobane molomo wa Jehova o boletse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:14
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane moo o tla fumana thabo ho Ya matla wohle, o emisetse sefahleho sa hao ho Modimo.


Na o batla thabo ya hae ho Ya matla wohle na? Na a ka rapela Modimo ka dinako tsohle na?


Hobane o itse: Motho ha a rue letho, leha a thabetse Modimo.


naha ya bona a e neela e be lefa, lefa la Iseraele, setjhaba sa hae.


A neela naha ya bona e be lefa: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.


empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.


O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.


Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.


Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.


Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.


Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ