Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 ha o ka ikitlaeletsa ho fepa ba lapileng, wa thoba meya ya ba tshwenyehileng, fifi le tla apoha, sedi la hao le kganye, bosiu ba hao bo ke motsheare wa lengeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:10
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


Lefifing, lesedi le tjhabela ya lokileng; o mohau, o lereko, o lokile.


O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.


Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.


Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.


Tsatsing leo, ba thibaneng ditsebe ba tla utlwa ditaba tsa buka; mahlo a difofu a tla phunya bosiu le lefifi, a bone.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Hobane bona, lefifi le kwahetse lefatshe, botsho bo apesitse ditjhaba; empa Jehova o tla o tjhabela, kganya ya hae e bonahale hodima hao.


a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;


E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.


Ho ke ke ha eba bafumanehi ha eno, (hobane Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona hore e be lefa le ruwang ke wena)


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ