Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 57:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 57:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Binelang Modimo, le roke lebitso la wona! Batelletsang ya kaletseng lefeelleng tsela! Jehova ke lebitso la hae; itumeleng pela hae.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang tsela ya Jehova feelleng, le latse mmila wa Modimo wa rona nahathothe.


Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Ha ho le jwalo, ekare ha sejo seo se ka kgopisa ngwaneso, nke ke ka hlola ke eja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.


Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang.


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ