Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 56:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena Jehova, ya bokellang ba tebetsweng ba Iseraele, o re: Ke sa tla bokellela ba bang ho yena, le ho bao e leng ba hae, bao ke seng ke ba bokeletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 56:8
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.


Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, ke tla emisetsa ditjhaba letsoho la ka, ke hlomele merabe folaga ya ka, ba tle ba tlise bara ba hao matsohong a bona, le baradi ba hao ba ba pepe mahetleng a bona.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ke na be ke o furaletse ka motsotso o se o kae, empa ke tla o bokella ka mehauhelo e fetisisang.


Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Tsatsing leo, ho itswe ke Jehova, ke tla phutha se hlotsang, se lelekilweng ke se bokelle le seo ke se entseng hampe;


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.


e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.


Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?


hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ