Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 56:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba re: Tloong, ke tla batla veine, mme a tla tahwa ke jwala; jwalokaha ho bile kajeno, ho tla ba jwalo le hosasane, e, haholo ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 56:12
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Ke hona o tla re: Ba nkotlile, athe ha ke a ka ka utlwa bohloko, ba nkentse maoma, athe ha ke a ka ka tseba! ... ke tla tsoha neng, ke boele ke batle hoo hape?


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a nne a je, a nwe, a batlele moya wa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tswa letsohong la Modimo.


Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.


Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.


Ho madimabe ba matla ho nwa veine, ba dinatla ho lomosa jwala;


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ